Background Information Document - SeSotho

Transcripción

Background Information Document - SeSotho
Tokomane ya Tlhahisoleseding e Fanang ka Mabaka le ho Mamela Ditshwaelo
Projeke e sisingwang ya Katoloso ya Kangra Coal Kusipongo
Sepheo sa Tokomane ena
Sepheo sa tokomane ena ya Tlhahisoleseding e Fanang ka Mabaka
ke ho neha batho ba nang le seabo tlhahisoleseding mabapi le
katoloso e sisingwang ya tshebetso ya morafo wa Mashala wa
Kangra Coal Kusipongo le Tekolo ya Kgahlamelo Tikolohong (EIA) le
ditshebetso tsa ho fumana tumello. Hape ke ho neha batho bohle
ba nang le seabo ho ngodisa jwaloka Batho ba nang le Thahasello
le ba Amehang.
Projeke ena e tla hloka ditshebetso tsa ditumello tse ngaka le mangolo a tumello, ho kenyeletswa le tshebetso ya ho etsa kopo ya
ditokelo tsa ho etsa morafo ho iphaphathilwe le Molao wa Mehlodi ya Diminerale le Petroliamo (Mineral and Petroleum Resources
wa 28 wa 2002 (MPRDA)) le Molao wa Naha wa Metsi wa 36 wa
1998 (NWA).
Ba boholong ba fanang ka tumello bakeng sa ditshebetso tsa tumello le mangolo a ditumello ke Lefapha la Mehlodi ya Diminirale
le Lefapha la Metsi la Bohlweki.
Ditshebetso tsena di hloka hore setjhaba kapa batho bohle ba nke
karolo. Batho ba nang le Thahasello le ba Amehang (I&AP) ba tla
ba le monyetla wa ho ngodisa le ho ba karolo ya tshebetso ena le
ho botsa mabapi le ditaba tseo ba nang le dingongoreho ka tsona.
Ho etsa bonnete ba hore o hlahiswa leseding ka ho feletseng le ho
amohela tlhahisoleseding e hlokehang ka kopo ngodisa ka ho
iteanya le Tougheeda Aspeling ya ERM ka la 5 Tshitwe 2014.
Mohala: 021 681 5400
Fekse: 086 540 4072
Imeile: [email protected]
Aterese ya poso: Postnet Suite 90, Private Bag X12, Tokai, 7966
Tlhaloso ya Projeke
Kangra Coal (Pty) Ltd e sisinya ho atolosa ditshebetso tsa bona tsa merafo mane Savmore Colliery, haufi le Piet Re>ef Mpumalanga. Hona jwale Savmore
Colliery e sebedisa ditokelo tsa ho rafa merafong Maquasa East, West le West Extension. Ditshebetso tsa hona jwale di kenyeletsa ho rafa mashala ka tlase
ho lefatshe le ka hodimo ho lefatshe.
Katoloso e sisingwang e kenyeletsa ho rafa mashala ka tlase ho lefatshe mane Resource, e leng sebakeng se bohole ba 15 km ka bophirimela ho Driefontein,
ho haola le Bomasepala ba Mkhondo le Dr Pixley Kalsaka Seme. Nako ya kopo ya pele ho ile ha teangwa le batho ba nang le thahasello le ba amehang (diI&AP) mme ba bolela kamoo ba nang le dingongoreho kateng mabapi le kgahlamelo ya morafo >kolohong le dinthong tse phelang hammoho le metsi >kolohong. Ka lebaka lena, Kangra Coal e fetotse sebaka seo ho neng ho tla etswa mekoto le mehaho e le hore di be hara ditokelo tsa ho rafa merafong tsa
Maquasa West Extension. Ka lebaka lena kopo ya hona jwale ke bakeng sa feela ho rafa mashala feela tlasa lefatshe. Tshebetso e lebetsweng ya bongata ba
tlhahiso ya mashala (ROM) e tla ba pakeng tsa 3.6 le 3.8Mtpa. Morafo o sisingwang o tla sebetsa ka dilemo tse ka bang tse 15-20.
Mehaho e Teng Hona Jwale Kahodimo ho Lefatshe
Boholo ba mehaho e kahodimo ho lefatshe e amahangwang le Projeke e sisintsweng, jwaloka polante ya mashala, mehaho ya ho kenya dimatheriale le sebaka sa ho lahlehela mashala a sebedisitsweng, hona jwale di sebakeng sa Maquasa East. Mohaho ona o tla tswela pele o sebediswa bakeng sa ho rafa mashala ho tswa sebakeng se sisintsweng sa Kusipongo Resource.
Ho sisingwa hore mashala a tla tsamaiswa ho tloha moko>ng o hara Maquasa West Extension ho iswa moko>ng o ntseng o le teng wa Maquasa West ka
lebanta le tsamayang kahodimo ho mobu. Ho tloha moo, lebanta lena le tla fepela lebanta le leng le ntseng le le teng kahodimo ho mobu, mme jwale mashala a tla iswa polanteng e ntseng e le le teng ya Maquasa East Coal. Mashala a hlwekisitsweng a tla tswela pele ho tsamaiswa ka diteraka ho iswa Panbult
moo a tla abelwa dimmaraka tse leng naheng.
Ho sisingwa hore ho sebediswe mehaho e latelang e ntseng e le teng ditsheng tsa Maquasa Westle East:
•
Mohaho o ka sehloohong wa tsamaiso;
•
Mehaho ya thupello le ya bongaka;
•
Substeishene ya motlakase;
•
Di-workshop tsa dikoloi tse bobebe;
•
Dipolokelo tse ka sehloohong tsa morafo;
•
Sebaka seo ho lahlelwang ho sona mashala a sebedisitsweng (se lokelang ho atoloswa e le hore se amohele mashala a lahluweng ka dilemo tse ka
hodimo ho tse 20 ka sekgahla sa karolelano ya 1 550 000m3 ka selemo);
•
Polante ya mashala; le
•
Mehaholo ya ho boloka dimatheriale.
Mehaho e Sisingwang Kahodimo ho Lefatshe
Tshebetso kaofela ya ho rafa morafong ona e tla etswa ka tlase ho lefatshe mme mashala a tla ntshuwa ka moko> o motjha o hokellwang le ditshebetso tse
ntseng di le teng tse etswang tlasa lefatshe. Moko> o motjha wa phihlello le lebante le tsamaisang di tla etswa ho Maquasa West Expansion e ntseng e le
teng (e sebetsang tlatsa Karolo 102 ya kopo e arohileng e fetotsweng). Ho kenya moya Moko>ng wa A (haufi le phihlello ya moko>) ho tla fana ka phepelo
ya moya o freshe le ho ntsha o sebedisitsweng mme o sebakeng se ntseng se le teng sa Maquasa West Extension (mme ka lebaka lena o kantle ho phuputso
ena).
Moko> B o Kenyang Moya, ke ona feela mohaho o tla ba ka hodimo ho lefatshe o tla etswa ho latela kopo ya sebaka seo a tokelo ya morafo, e tla sebediswa
feela bakeng sa ho kenya. Moko> wa B o tla kenyeletsa feela lesoba le kenyang moya. Phihlello ya ho ya sebakeng seo ho sebetswang ho sona ka ho kena
lesobeng le kenyang moya e tla thibelwa ka ho kenya tshepe e thibelang batho le diphoofolo ho kena.
Le hoja sebaka sa 28 600m2 se behellwe thoko bakeng sa Moko> wa B, moko> ona o tla hloka hoo e ka bang sebaka se kahodimo sa 500m2. Moya o freshe o
kenang ka moko> ona o tla kgutla ka kotloloho ka difene tse hulang moya o sebedisitsweng shaCeng ya phihlello e leng ditshebetsong tsa hona jwale. Polane ya tshebetso ya ho kenya moya o freshe e kenyeletsa dintho tse jwaloka metswako ya kgase ya methane, e leng teng morafong o haufi wa Maquasa
West mine. Ho akangwa hore Moko> B o kenyang moya o freshe o tla hahuwa feela hoo e ka bang dilemo tse hlano ka mora hore ditshebetso di qale.
Page 1
Tokomane ya Tlhahisoleseding e Fanang ka Mabaka le ho Mamela Ditshwaelo
Projeke e sisingwang ya Katoloso ya Kangra Coal Kusipongo
Ditshwaelo tse ka sehloohong le ditaba tse hlahisitsweng nakong ya kopo ya pele
Moruo le Setjhaba
• Ho tloswa ha batho dibakeng tsa bona le
mahaeng a bona
• Ho etswa ha mesebetsi e metjha le ho
ntshetsa pele bokgoni
• Ho senya mehlodi ya setso le lefa sebakeng
se fuputswang
• Ngongoreho mabapi le Bophelo bo Botle le
Polokeho ya baahi
• Lehloyo le bohale ka lebaka la ditebello tse
sa phethahatswang le tshireletseho ya
bophelo
• Ho netefatsa seabo se setle sa batho ba
nkang karolo ho sena
Tikoloho le bophelo
•
Tshitiso ya tikoloho le bophelo ba dintho
•
Tshitiso ya tikoloho le metsi
•
Ho eketsaha ha sephethe-phethe dibakeng
tsena
•
Ho senyeha ha bokahodimo ba mobu ka lebaka
la mesebetsi ya ho rafa e etswang tlasa
lefatshe
•
Lerole le bakwang ke diqubu tsa mashala
Page 2
Tokomane ya Tlhahisoleseding e Fanang ka Mabaka le ho Mamela Ditshwaelo
Projeke e sisingwang ya Katoloso ya Kangra Coal Kusipongo
Tshebetso ya ho Nka Karolo ha Batho bohle kapa Setjhaba
Tshebetso ya ho Nka Karolo ya Batho Bohle (Public Par>cipa>on Progress (PPP)) e tla etswa ho iphaphathilwe le
ditlhokeho tsa melao le ditshebetso tse dumeletsweng. Sepheo sa tshebetso ya ho nka karolo ha batho bohle ke ho
tsebisa batho ba nang le seabo projeke e sisintsweng, ho ba kenyeletsa tekolong ya dikgahlamelo tse ka bang teng le
ho etsa bonnete ba hore batho ba nang le seabo ba kgona ho hlahisa ditaba tseo ba ngongorehileng ka tsona ho
kenyeletswa le Tekolo ya Kgahlamelo Tikolohong (EIA) le ntshetsopele ya Lenaneo la Taolo ya Tikoloho (EMP) tlasa
ERM tse romelwang ho ba boholong bakeng sa ho fana ka tumello le ho di tjhaela monwana.
O mengwa hore o nke karolo tshebetsong ya EIA! Jwaloka motho ya nang le seabo, re o mema hore o hlwaye ditaba
le dingongoreho mabapi le projeke ho bona kgahlamelo e ntle le e mpe e ka bang >kolohong le kgahlamelo setjhabeng e tla fuputswang nakong ya tshebetso ya EIA . Tlaleho ya EIA le EMP e tla lokollwa bakeng sa ditshwaelo,
mme nakong eo, o tla kotjwa hore o romele ditshwaelo tsa hao kapa dipotso ho ERM. Moifo ona wa projeke o tla
fana ka karabelo dipotsong, mme ditshwaelo kaofela le dikarabelo di tla kenyeletswa tlalehong ya ho qetela le ho
EMP e tla romelwa Lefapheng la Mehlodi ya Diminerale (DMR) bakeng sa ho etsa qeto kapa kahlolo ya bona.
Mokgahlelo wa pele tshebetsong ya rona ya ho nka karolo ha batho bohle e tla ba mokgahlelo wa ngodiso, moo
batho ba nang le thahasello le batho ba amehang ba tla fuwang monyetla wa ho ngodisa thahasello ya bona. Tokomane ya Tlhahisoleseding e Fanang ka Mabaka e boetse e tsamaiswa hara batho ho ba neha mabaka a projeke e sisintsweng le ditekolo tse amanang le yona le ditshebetso tsa tumello.
Ba nang le thahasello tshebetsong ena ba tshwanetse ho ngodisa projekeng e le hore ba fumane tlhahisoleseding e
ntjhafaditsweng nakong ya tshebetso le h o fuwa monyetla wa ho fana ka tshwaelo tshebetsong kaofela.
Bakeng sa ho ngodisa, iteanye le Tougheeda Aspeling ya Taolo ya Mehlodi ya Tikoloho.
Dintho tse entsweng ho fihlela ho lena le hodimo le ho tswela pele
Kopo ya Pele ya Ditokelo tsa ho Etsa Morafo ya Kangra Coal e ile ya hanwa ke DMR ka mabaka a dikgahlamelo
tikolohong le metsing le dinthong tse phelang. Ka lebaka lena ba ntjhafaditse le ho fetola polane ya morafo wa
bona, ho tlosa mehaho e etswang bokahodimong ba lefatshe bakeng sa dibaka tse ka bang le kgahlamelo e mpe
le ho kopanya tsena le sebaka sa bona se ntseng se le teng sa Maquasa West. Kamora ntjhafatso ena ya polane
ya morafo, Kangra Coal e ile ya romela Kopo ya Ditokelo tsa ho Etsa Morafo ho DMR ika Phato 2014. Kopo e ile
ya amohelwa ke DMR ka la 26 Lwetse 2014,ba ile ba kopa tlaleho ya phuputso ka la 31 Mphalane 2014. Tlaleho
ya moralo wa phuputso e ile ya hlophiswa le ho romelwa ho DMR mme e tla fumaneha bakeng sa tshwaelo ya
batho bohle. Mokgahelo ona wa hona jwale wa tshebetso ya ho nka karolo ke mokgahlelo o etellang pele
mokgahlelo wa EIA mme o tla tsebisa mokgahlelo wa EIA o tla qadiswa ka 2015.
Tshebetso e tla etswa ho tswa ho PPP ya nako e fetileng e ileng ya tlatswa bakeng sa kopo ya pele mme e tla
kenyeletsa:
• Ho ntjhafatsa database e leng teng ya batho ba nang le thahasello le ba amehang (I&AP);
• Ho bokella le ho aba tokomane ya tlhahisoleseding ya projeke ena e fanang ka mabaka bakeng sa ho ngodisa
batho ba thahasellang le ba amehang (di-I&AP);
• Ho tsamaisa diboka le beng ba mobu le batho ba ka sehloohong ba nang le seabo;
• Tokisetso le kabo ya Tlaleho ya Ditshwaelo le Dikarabo.
Page 3
Tokomane ya Tlhahisoleseding e Fanang ka Mabaka le ho Mamela Ditshwaelo
Projeke e sisingwang ya Katoloso ya Kangra Coal Kusipongo
Ka kopo tlatsa dintlha tsa hao
Lebitso:
Mokgatlo:
Mohala:
Boemo:
Selefounu:
Imeile:
Aterese:
Ho tla thusa haeba o ka araba dipotso tse mona ka tlase empa ka kopo o lokolohile ho fana ka ditshwaelo dife kapa dife
tseo o ka lakatsang ho di hlahisa. Ka kopo tswela pele o ngola pampiring e eketsehileng haeba ho hlokeha.
1.
Ke dingongoreho dife tse ka sehloohong tseo o nang le tsona/motse wa hao/mokgatlo wa lona mabapi le katoloso e
sisintsweng le ntshetsopele ya morafo ka tlase ho lefatshe? Ka kopo ngola ka ho hlaka ditaba, dingongoreho, maikutlo
le/kapa dipotso tseo o nang le tsona mabapi le projeke ena.
2.
Na o tseba tlhahisoleseding efe kapa efe e ka bang teng e amanang le EIA (mohlala, tlhahisoleseding e mabapi le
motse, baahi, tikoloho kapa moruo)?
Page 4

Documentos relacionados